Skip to main content

ETHNOS_APP

Home • Search • Journals • List 0

Tlhaloso ya Setso ya Botsho, Bosweu, le Boputswa Sesothong

Bibliographic Data

ID21757147
AuthorsMadira Thetso (0000-0002-1144-1392, University of the Witwatersrand, corresponding author)
Year2024
Volume42
Issue3
Pages396-405
Publication date2024-09-20
Open AccessNo
TypeARTICLE
VenueSouthern African Linguistics and Applied Language Studies (JOURNAL)
Journal identifiersISSN: 1607-3614 • E-ISSN: 1727-9461
PublisherNational Inquiry Services Center (NISC) (PUBLISHER)
DOI10.2989/16073614.2023.2270714
OpenAlexW4394725110
LanguageEN
References cited12

KakaretsoSepheo sa boithuto bona ke ho fuputsa tshebediso ya mantswe a mebala a mararo e leng botsho, bosweu le boputswa e le ho sibolla seo a se emelang le botoloki ba ona Sesothong ho latela moetlo le ditlwaelo. Ditsong ka ho fapana, mebala e amahanngwa le moetlo le tumelo, mme ho jwalo le Sesothong. Mebala ha e sebediswe feela ho hlalosa dintho tse bonahalang, empa e ka boela ya sebediswa ho hlalosa dintho tse sa bonahaleng jwaloka boikutlo, boitshwaro ba motho esita le seo motho a leng sona. Boithuto bona bo sebedisitse lewa la Linguistic Relativity Hypothesis le la Image Theory of Meaning ho hlahloba dipolelo tse bokeletsweng ho tswa dipuisanong tsa basebedisi ba puo le dingolweng, e le ho manolla moelelo wa mantswe ana a mebala. Ho latela lewa la Linguistic Relativity Hypothesis, puo eo motho a e buang e susumetsa menahano, tjhadimo ya hae ya ditaba esita le boitshwaro ba hae. Kahoo, batho ba merabe e fapaneng ba nahana ka ho fapana ka lebaka la phapano ya dipuo tsa bona, mme tjhadimo ya bona ya bophelo e a fapana. Sena se tsamaelana le se bolelwang ho Image theory of Meaning hore ha ho kamoo re ka arohanyang puo le basebedisi ba yona kaha moelelo wa lentswe ke tshebediso ya lona puong. Tshebediso ya mawa ana e sibolotse hore leha se bontshwang ke mantswe ana a mebala se ka tshwana le ditsong tse ding, botoloki ba seo a se bolelang esita le tshebediso ho latela setso sa Sesotho di a fapana. Diphetho di bontsha botoloki bo amohelehang le bo sa amoheleheng bo amahanngwang le mantswe a supang mebala ena maemong a fapaneng a tshebediso, leha e sebediswa ho hlalosa mantswe a fapaneng

Categorization, perception, and language · Color perception and design · Mathematics · Multisensory perception and integration · Philosophy

  • Colour Categories in Different Linguistic Cultures

    Open Access•Zhanar A Kaskatayeva, Shara Mazhitayeva et al.•Rupkatha Journal on Interdisciplina…•2020

  • What Is the Sapir-Whorf Hypothesis

    Open Access•Paul Kay, Willett Kempton•American Anthropologist•1984

  • A Cross-Cultural Study of the Affective Meanings of Color

    Open Access•Francis M Adams, Charles E Osgood•Journal of Cross-Cultural…•1973

Highly citedNo

Tools

Open DOI
Ethnos_APP • Open Source Project • MIT License • Frontend v2.0.0 • Privacy and Cookies • API Documentation: api.ethnos.app/docs • API Source Code: GitHub • DOI: 10.5281/zenodo.17049435 • Frontend Source Code: GitHub • DOI: 10.5281/zenodo.17050053 • cruz.rio.br • Expectantes Misericordiae